Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates e buretswa e le hole ke St Eloi Lupopo

Sehlopha sa Orlando Pirates, se hlolelwa hole le hae papading ya bona ya leoto la pele ho CAF Champions League (Preliminary 2nd Round).

Pirates, e ne e etetse St Eloi Lupopo moo e hlotsweng ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0) lebaleng la Stade de la Victoire, Lubumbashi.

The Buccaneers, ba kene papading ena ka letoto la ditlholo tse leshome dipapadi tsa mohope e fapaneng.

Ntlha ya St Eloi Lupopo ya pele, e kene metsotsong e meraro ya papadi le ho kenya Pirates tlasa kgatello.

Papadi e lebile kgefutsong sehlopha sa selehae se eteletse papadi mme sa kgutla ka matla ho qetela le ho kenya baeti tlasa kgatello.

Motsotsong wa 70, Lupopo e fumane ntlha ya bobedi le ho fumana ntlha ya boraro metsotswana fela (88) pele papadi e fela.

Tlholo ena, e hlalosa hore Pirates e tlaba tlasa kgatello e tshosang leotong la bobedi beke e tlang moo batla lokela ho hlaba dintlha tse nne kapa ho feta hore ba hape papadi.

Mokwetlisi Abdeslam Ouaddou, o hlolwa lekgetlo la boraro jwalo ka mokwetlisi wa Pirates, mme tlholo ena ke ya pele ya hae dipapading tsa CAF.

Papadi e latelang ya leoto la bobedi e tlaba kala 25 Mphalane lebaleng la Orlando, mme e tla thakgoha ka hora ya boraro (15:00) thapama.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe