
Ncanana o hlakisa mantswe a hore Pirates ke lebitso feela
Sebapadi sa Durban City e bile e le mokaptene wa sehlopha Siphamandla Ncanana, o hlakisitse mantswe a hae a bakileng ditaba sehleng se fitileng.
Ncanana o itse Pirates ke sehlopha feela mme o hlalositse ha mantswe a hae a fapantswe le molomo.
Ke hlompha Orlando Pirates, ke sehlopha se seholo,” ho realo Ncanana.
Ncanana o hlalositse ha mantswe a hae ase ka tsela eo a qapodisitsweng ka yona ke bongata ba batho.
BALA: Wydad Casablanca e bontsha kgahleho ho Thembinkosi Lorch hape
“Ho hlalosa hore Pirates ke lebitso feela, kene ke hlalosa hore ha phala e lla, ke dihlopha tse pedi ka lebaleng [11 v 11] ha hona sehlopha se seholo. E ba taba ya hore ke mang a e batlang ho fela e mong.”
“Ke hlompha Pirates mme ke sehlopha se seholo. Mantswe ao ke mantswe ao ke ikgothatsang ka yona.”
Durban e tla thulana le Pirates mafelong a beke mohopeng wa MTN8 mme tangtang e tla kgangwa ke lerole.
BALA: Mokaptene wa Durban City o batla Orlando Pirates matleng
