
Mokwetlisi wa Bafana Bafana o fetohela dikano hape
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, o fetohetse mantswe a hae a ho bapadisa dibapadi kaofela tseo a dibitseditseng kampong ya naha bakeng sa dipapadi tse pedi tsa setswalle.
Pejana ha a tsibisa mabitso a dibapadi, Broos o ile a hlalosa ha dibapadi tsohle tseo a tla dibitsa sehlopheng, ditla fumana monyetla wa ho bapala.
Le ha hole jwalo, Broos o fetohile sa lempetje le ho hlalosa ha a ke ke a etsa diphetoho tse kalo sehlopheng setla bapala papadi ya bobedi ya setswalle.
“Ho ke ke ha eba le diphetoho tse ngata sehlopheng setla qala le papadi,” ho realo Broos.
“Ke ya tseba Mamelodi Sundowns ena le dipapadi tse ngata dibekeng tse tlang empa seo hase bothata ba ka. Ke itukisetsa mohope wa lefatshe oo ke sa batleng ditshehollo ha ke kgutla ho ona.”
Broos o hlalositse ha Sundowns ena le dibapadi tse ngata hore baka kgathatseha ka dibapadi tse sehlopheng sa naha mme a boema a tshireletsa Themba Zwane ya mofang metsotso e menyane ya ho bapala.
“Sundowns ena le dibapadi tse ngata ho ka etsa diphetoho bakeng sa dipapadi tsa bona tsa PSL. Ba dula ba hapa ha Mokoena, Modiba le Mudau ba bapala mme hake bone bothata.”
“Zwane ke sebapadi se hlwahlwa se etsang hore re bapale ka bokgabane empa ha maemong a matle a ho bapala metsotso e 90. re lokela ho motshwara hantle le ho mofa metsotso e hantle.”
Sehlopha setla bapala papadi ya bobedi ya setswalle ka labobedi la 31 Hlakubele lebaleng la DHL. Papadi eo e tla thakgoha ka 19:30.
