Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e tswelapele ho matha lepatlala ho fumana Faiz Abrahams

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se tswelapele ho lelekisa ditshebeletso tsa lekejakejane la Stellenbosch FC Faiz Abrahams.

Chiefs ke sehlopha sa moraorao go bontsha kgahleho e kgolo ho Abrahams ka mora hore Durban City le Orlando Pirates dikene lebellong.

City e ne e batla hore Stellenbosch se ba kadime sebapadi sena ha Pirates e ne e batla sebapadi sena ka tshela ya phapanyetsanong ya dibapadi.

BALA: Mokaptene wa Durban City o batla Orlando Pirates matleng

Le ha hole jwalo ka bobedi City le Pirates dihlokile lehlohonolo ditekong tsa tsona mme Chiefs ke yona e itekang lehlohonolo la ho fumana sebapadi sena.

Sehlopha se batla sebapadi sena ka tsela tsohle le ha e le ka tsela ya ho kadingwa sebapadi sena sehla kaofela.

Abrahams ke sebapadi se dilemo tse 21 mme o bapala hohle tlhaselong [Right winger/Left winger/Attacking midfielder].

Chiefs e se e tekenne sebapadi hotswa ho Stellenbosch [Langelihle Phili] mme tebello ke ho bona e bang batla fumana sebapadi sena seo ba bonang boleng ho sona.

BALA: Ncanana o hlakisa mantswe a hore Pirates ke lebitso feela