
Bakwetlisi ba Afrika Boroa ba sebetsa hantle dinaheng tse fapaneng
Bakwetlisi ba bararo ba Afrika dinaheng tse tharo tse fapaneng kontinenteng, ba bile le mafelo a beke a tletseng thabo ka mora ho hapa dipapadi tsa bohlokwa ka boraro ba bona.
Fadlu Davids ya kwetlisang sehlopha sa Raja Club Athletic, o hapile papadi kgahlano le Olympique Dcheira ka 1 – 0 e le papadi ya 21 sehleng sena. Tlholo ena e beile Raja ka hodimo tafoleng ya dihlopha ka dintlha tse 42.
21 Matches played
12 Wins
6 Draws
3 Defeats
Position 1
Rulani Mokwena ya kwetlisang sehlopha sa Al Ettihad SC ya Libya, o hapile papadi kgahlano le Olympic Azzawiya ka 2 – 1 ho dula tshepong ya ho hapa sehla le ho bapala ho CAF Champions League sehleng se tlang.
Dintlha tsa Ettihad, dikene ka Stephane Aziz Ki ka bobedi ba tsona mme ntlha ya pele e bile thaho ya mokoko.
Qualification Playoff A
5 Matches played
2 Wins
2 Draws
1 Defeat
Position 3
BALA: Nkota o fetwa ke monyetla wa ho leba mohopeng wa lefatshe
Papading e nngwe ke moo Steve Barker ya kwetlisang SImba SC ya Tanzania, o hapile papadi kgahlano le Dodoma Jiji FC ka 1 – 0 ho nka maemo a pele tafoleng ya dihlopha.
Simba e e se e bapetse dipapadi tse 27 ntle le ho lahlehelwa mehopeng e fapaneng.
League Stats
25 Matches played
17 Wins
7 Draws
1 Defeat
Position 1
Ka boraro bakwetlisi bana ba monyetleng wa ho hapa sehla le ho kopana ho Champions League sehleng se tlang.
Davids o setse ka dipapadi tse 9, Barker o setse ka tse 5 ha Mokwena a lokela ho feta mokgatlo oo a leng ho ona le ho fetela mokgahlelong o latelang.
BALA: Sebapadi sa mehleng sa Chiefs sena le toro ya ho kwetlisa sehlopha
