Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lebitso la Mosimane le tlola hara bakwetlisi ho nka marapo Ghana

Naha e qetang ho nyaola mokwetlisi wa yona Otto Addo, e utlwahala e le mehlaleng ya letswallwa la kwano Afrika Boroa.

Ghana, e qeta ho arohana le Addo ka karohano e makaditseng jwalo ka ho setse dikgwedi tse pedi pele mohope wa lefatshe o thakgoha.

The Black Stars, ba utlwahala ba matha lebelo la mofu ntshwekge ho fumana mokwetlisi yatla leba le bona mohopeng wa lefatshe mme lebitso la Pitso Mosimane le utlwahala ka hare.

Mosimane o ntse a sena sehlopha ka mora ho arohana le Esteghlal FC selemo se fitileng.

Hoya ka ditlaleho ho tswa ka hara naha ya Ghana, lebitso la Mosimane ke la amang a mabitso a teng lenaneng la batho batla lekolwa bakeng sa mosebetsi o moholo wa ho leba le Ghana mohopeng wa lefatshe.

Puisanong le Ghana Soccernet, Okraku o hlalositse ha ba hloka motho ya fitileng dihlopheng le dihlopheng tsa naha mme a sebetsa hantle.

“Re ikemiseditse ho tatamalla pele mme re batla ho tlisa mokwetlisi ya tla tlisa tshepo ho bohle,” ho realo Okraku.

“E tlaba motho wa nalane (record) e ntle mme e be motho ya kwetlisitseng dihlopha le boemong ba naha.”

Tebello ke ho bona hore ke mang mokwetlisi ya lehlohonolo ho lena le Ghana mohopeng wa lefatshe ka mora hore Addo a etse mosebetsi o moholo wa ho lebisa sehlopha America.

BALA HAPE: