Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Nurkovic o tla hloka sehlopha ha sehla se fihla pheletsong

Sebapadi sa menhelng sa Kaizer Chiefs seo ha jwale e leng sa Siwelele Samir Nurkovic, o tla arohana le sehlopha ha sehla se hodimo sa dipapadi se fihla pheleletsong.

Ho ya ka iDiski Times, Siwelele e ke ke ya ntjhafatsa ditumelano tsa yona le sebapadi sena sa matjhabatjhaba sa naha ya Serbia se tshwengwang ke dikotsi.

Nurkovic o bapetse dipapadi tse nne fela sehleng sena bakeng sa Siwelele mme yaba o fetwa ke letoto la dipapadi ka lebaka la dikotsi tse sa feleng.

BALA: Batshehetsi ba AS FAR ba qhwebeshana le sepolesa papading ya Sundowns

Ho utlwahala ha sebadi sena se dilemo di 33 se kanna sa beha meja fatshe papadin le ha seo e le e nngwe ya tse ka etsahalang e bang a sa fole le ho fumana sehlopha.

Nurkovic ya dihlabang lenyelenyele, o bapalletse dihlopha tse jwalo ka Chiefs ya fihletseng ho yona, TS Galaxy, Royal AM le Supersport eo ha jwale e leng Siwelele.

Sebapadi sena se bapetse dipapadi tse fetang 110 kwano Afrika Boroa mme a hlaba dintlha tse fetang 30 le ho thusetsa [assist] ho tse 13 mme boholo ba dipapadi tsa hae o dibapetse ho Chiefs moo a bileng le dihla tse ntle teng.

BALA: Santos o re sehlopha sa hae setla boya sekwele leotong la bobedi