Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Magidigidi o fihlella tumellano le sehlopha sa Beerschot ya Belgium

Sebapadi sa sehlopha sa Siwelele FC Siviwe Magidigidi, o fihleletse tumellano le sehlopha sa Belgium sa Beerschot V.A.

Magidigidi, o fihleletse tumellano (personal agreement) ya dilemo tse tharo le kgonahalo ya ho eketsa ka mora nako Beerschot e le mehlaleng ya hae.

Sehlopha sena se bile mehlaleng ya Magidigidi ka nako e lelele ka mora hore lekejakejane lena le dilemo di 20 le kgutle mohope wa lefatshe wa bahlankana ba dilemo tse ka tlase ho 20.

Sehlopha sa Siwelele, se ile sa utlwahala se latotse ka sebapadi sa bona qalehong ya ditaba ka lebaka la mopotso o tlase oo Beerschot e neng e o beha tafoleng mme sehlopha sa kgutla ka o ntlafetseng tekong ya ho fumana sebapadi.

Pele ho tumellano, sehlopha se ile sa tsibisa ha dipuisano dintse tswelapele mme kgonahalo e le e kgolo ya hore Magidigidi o tla leba Belgium.

Dihora ka mora moo, ke ha tumellano e ba teng dipakeng tsa sebapadi le sehlopha mme sebapadi sena e ba se seng sa dibapadi tsa Afrika Boroa tse lebang mose thekisong ya jwale ya dibapadi.

Sebapadi sena se kena letotong la dibapadi tse jwalo ka Tylon Smith, Shandre Campbell bao e bileng dibapadi mmoho le yena sehlopheng sa naha ba bapalang mose ho mawatle

BALA HAPE: Ntwa bakeng sa ditshebeletso Puso Dithejane e tswelapele