Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ke nako ya Pirates ya ho etsa nalane – Ouaddou

Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha sehlopha sa hae se lokela ho lwana ya kgumamela papading ya mahloko kgahlano le St Eloi Lupopo.

Pirates e tobana le moepa molelle jwalo ka ha ba lokela ho hlola papadi ka dintlha tse nne ho ya hodimo hore ba fetele dipapadi tsa mekgahlelo (group stages).

‘The Buccaneers’ se ba kile ba hlaba dintlha tsr ngata papadi mohla ne ba hlola Marumo Gallants papading ya Betway Premiership ka 8 – 1.

Ouaddou o hlalositse ha e le ntho e ka kgonahalang hore sehlopha sa hae se hape papadi  

“Dibapadi tsa rona dibontshitse sehleng se fitileng hore dina le bokgoni ba ho hlaba dintlha tse supileng kapa tse robedi,” ho realo Ouaddou.

“E ya kgonahana, ha ho letho le sa kgoneheng. Rena le tshepo e tletseng, ke nako ya rona ya ho kena dibukeng tsa nalane.”

“Re kgothetse mme re emetse papadi.”

Pirates e tla kopana le St Eloi Lupopo papadi ya leoto la bobedi ka mora ho hlolwa leotong la pele ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 1).

Papadi ena e tla thakgoha ka hora ya boraro (15:00) lebaleng la Orlando, Soweto.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Lupopo o sekaseka tlholo kgahlano le Pirates