Ditaba tsa moraoraoKrikete

Afrika Boroa e tlontlollotswe ha bohloko papading ya ho qetela

Sehlopha sa naha ya Afrika Boroa sa basadi papading ya krikete, se tlontlollotswe ha bohloko ke sehlopha se jeleng masoko mohopeng wa lefatshe sa Australia.

Di’Proteas, dihlotswe ka wicket tse supileng (7) ka mora hore dibapadi ditswe kaofela ba entse mematho e 97.

Australia, e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele e leng se bonahalang se thatafalla Afrika Boroa mohopeng ona wa lefatshe.

Afrika Boroa e hapile dipapadi tse hlano ka tatellano mme dipapading tseo, e bile bona ba algelang pele dipapading tse nne le ho lelekisa papadi.

Papading ya pele kgahlano le England, ba hlotswe ke lotho le ho otla pele mme ba qetella ba lahlehetswe ke papadi ka palo e tlase haholo ya mematho.

Laura Wolvaardt (31), Sinalo Jafta (29) le Nadine De Klerk (14), ke bona fela ba lekileng ho etsa mematho ya palo tse pedi (two digit figures) le ha teko ya bona e nyopile.

Papadi ena e ne e le ya ho qetela ya Afrika Boroa dipapadi tsa tafole mme e tla emela dihlopha tse ding ho qeta jwalo ka ha e fetetse dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-final).

Hoya ka maemo a ditaba, sehlopha setla thulana le England jwalo ka ha dihlopha bobedi ditseka maemo a bobedi le a boraro.

Papadi ena e tla bapala ka laboraro la 29 Mphalane ka 11:30 ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: Di’Proteas dikokomala se maratswana nakwana