Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o kgutsisa lerata la ho tsamaya ka ho ngola lengolo

Mokwetlisi ya hapileng mohope e meraro le sehlopha sa hae, o ngotse lengolo le kokobetsang matshwafo a batshehetse ba sehlopha.

Abdeslam Ouaddou, o ngotse lengolo ho leboha moifo wa hae wa bokwetlisi ka mora sehla se tletseng katleho ya mehope ho kenyeletsa Betway Premiership.

Lengolo la Ouaddou le lebohile moifo wa hae wa bokwetlisi la boela la bontsha ha mokwetlisi enwa wa mehleng wa Marumo Gallants a tla kgutlela sehlopheng sehleng se tlang.

Hoya ka ditlaleho tsa sethathong, ho bonahetse eka Ouaddou o batla ho tsamaya sehlopheng moo a neng a lla ka mokgathala empa lengolo lena, le kgutlisitse tshepo ya hore o tla dula le ho kwetlisa sehleng setlang.

BALA: Siviwe Magidigidi o nyamella sehlopha

“Ho moifo wa ka o kgabane, ke ngola mantswe a mmalwa ho tswa botebong ba pelo,” ho realo Ouaddou.

“Ke leboha boitelo ba lona, maikemisetso a lona le lerato leo le le bontshang sehlopheng sa rona sa Orlando Pirates.”

Ouaddou o kopile bohle ho phomola le ho natefelwa ke matsatsi a phomolo le ba malapa ho pele sehla seo e tlaba phepetso e kgolo sehlopheng.

“E bang le phomolo e monate mme le kgutle le le hantle bakeng sa phepetso e ntjha. Ke le leboha bohle mme ke ya le rata kaofela

BALA: Broos o tshwaela ka papadi kgahlano le Jamaica