Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o tshwaela ka papadi kgahlano le Jamaica

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tshwaetse ka papadi ya bona le Jamaica ya setswalle.

Afrika Boroa e tla nkana le naha ya Jamaica papading ya setswalle ho itukisetsa papadi ya pulamadiboho ya mohope wa lefatshe.

Ha a bua ka papadi ena, Broos o hlalositse ha e tlaba papadi ya bohlokwa eo batla ikala matla ka yona.

BALA: Sehlopha se qala ka boikwetliso ntle le ditho tse ding

“Ke thabile ka Jamaica. Ba boemong ba 74 mme seo se hlalosa hore ke baphepetsi ba hantle,” ho realo Broos.

“Ho rona e tlaba teko ya ho qetela pele ho papadi e bulang mme ke thabetse seo.”

“Nke ke ka etsa ditshepisi hana jwale. Kena ke ntho ka hloohong ya ka mme retla bona e bang re ke ke ra e sebedisa papading kgahlano le Mexico.”

Afrika Boroa, e ntse e sa bapale hantle dipapading tsa yona tsa setswalle moo e hlotsweng ke ho hapa dipapadi tse tharo tseo e dibapetseng.

BALA: Siviwe Magidigidi o nyamella sehlopha