Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

John Terry ka Mbokazi: Ke sebapadi se hlwahlwa

Mokaptene wa mehleng wa Chelsea John Terry, o babaditse sebapadi sa Afrika Boroa sa lebota la morao Mbekezeli Mbokazi.

Mbokazi ya bapalla sehlopha sa Chicago Fire ya America, ke e mong wa dibapadi tse tla bewa mahlo ke lefatshe ho latela mmapalo wa hae.

Terry o hlalositse ha Mbokazi e le se seng sa dibapadi tse ntse ditla hantle mme ana le monyetla wa ho hodisa lebitso la hae ka dipapadi tsa mohope wa lefatshe.

“Ke nahana ona le bokgono ba hoba se seng sa dibapadi tse kgolo lefatsheng mme a kaba le seabo se seholo sehlopheng sa hae [Bafana Bafana],” ho realo Terry.

BALA: Cape Town City e tla bapala sehla se seng hape ho Motsepe Foundation

“Ke rata tsela eo a leng ka yona le semelo seo ke se bonang sa hae. Ke thabetse hore o tla bapala le dihlopha tse kgolo mohopeng wa lefatshe.”

Tshabo e bile teng hore Mbokazi a ke ke a bapala papadi ya pele ho latela karete e kgubedu eo a e boneng papading kgahlano le Zimbabwe empa molawana wa FIFA o hlalosa ha sebapadi sena seka bapala ntle le mathata.

Afrika Boroa e tla bapala papadi ya pele kgahlano le Mexico mme mokwetlisi wa sehlopha Hugo Broos a tla kenya Mbokazi sehlopheng sa hae se qalang e bang a rerile seo.

BALA: Sehlopha sa Botolo Pro League se bontsha kgahleho ditshebeletsong tsa Mabasa