
CAF e nahanisisa tshisinyo ya ho eketsa dihlopha ditlhodisanong tsa kontinente
Mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng wa CAF, o fetola mohopolo le ho nahanisisa tshisinyo ya ho nyolla dihlopha ditlhodisano tsa kontinente.
Tshisinyo ena e tlileng ka mokgatlo wa bolo Egypt, e qeletswe ka thoko lekgetlo la pele empa ho utlwahale ha boholo ba ditho tsa tsamaiso ya CAF di dumellana le yona.
Le ha hole jwalo, tshisinyo ena ke hona e tla sekwasekwa le ho hlahlojwa ho sheba mahlakore ohle a yona pele e ka hanwa kapa ho tjhaelwa monwana.
E bang CAF e ka tjhaela qeto ena monwana, dinaha tse hlano tse ka hodimo [African Top 5 Leagues] dika bona palo ya kemedi ya tsona e nyoloha mme le dinaha tse ding tsa fumana kemedi e eketsehileng.
Tebello ke ho bona hore CAF e tla nka qeto e fe le hore e bang tshisinyo ena e kena tshebetsong e tlo sebetsa jwang le ho qala ho sebetsa neng.
