Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Papadi ya Bafana Bafana le Jamaica e fetolelwa letsatsi

Papadi ya Bafana Bafana ya setswalle kgahlano le Jamaica, e fetoletswe letsatsi ho tloha ho labohlano jwalo ka sethathong.

Papadi ena e se e tla bapala ka moqebelo bosiu ka nako ya Afrika Boroa.

Pejana ho tsibisitswe ha papadi e tla bapala ka labohlano motsheare ka nako ya lapeng, empa tsohle difetohile.

Papadi ena e se etla bapala ka 15:00 ka nako ya Mexico mme Afrika e tlabe e le 11:00 hara mpa ya bosiu.

Dihlopha ditla bapalla lekunutu moo ho ke keng hwa dumelwa batho ho kena mme papadi e ke ke ya hlahiswa dikanaleng tse fapaneng.

Afrika Boroa ena le nalane e ntle kgahlano le Jamaica moo ho bapetsweng dipapadi tse pedi mme Afrika Boroa ya hapa e le nngwe le ho bapala maleka papading e nngwe.

Bafana Bafana ba hodimo ho Jamaica ka dikgato tse 11 boemong ba FIFA mme Jamaica e ke ke ya bapala mohopeng wa lefatshe o tla thakgoha.

BALA: Batshehetsi ba Mexico ba bontsha Afrika Boroa lerato