
Nyewe ya dihlopha tsa ABC Motsepe ya qhalwa
Lekgotla le phahameng la dinyewe la Eastern Cape le qhadile nyewe e neng e hlahletswe ke dihlopha tsa bapalang ho ABC Motsepe ho phepetsa dipapadi tse seng di fetileng tsa ho nyollelwa ha dihlopha ho Motsepe Foundation (ABC Motsepe Playoffs).
Nyewe ena e ne e hlahletswe ke sehlopha sa Sinenkani le Ravens tsa Eastern Cape, Sunrise ya Limpopo le Kakamas Juventus ya Northern Cape kgahlano le botsamaisi ba bolo, SAFA.
Dihlopha tsena dine ditseka ha dipapadi tsa di’playoffs disa lokela ho tswelapele ka mora hore kemedi ya Eastern Cape le Limpopo diqhelelwe ka thoko ka lebaka la dinyewe mabatoweng a tsona.
Qeto ena ya lekgotla, e bolela hore dipapadi tsa di’playoff di ke ke tsa phethwa kapa ho fetolwa mme sehlopha se hapile le ho fetela ho Motsepe Foundation e fela e le sona mmampudi.
Qeto ena, e fana le ka karabo dinyeweng tsa mabatowa moo dihlopha di neng di tseka boemo ba pele.
Sena se hlalosa hore dihlopha tsena, ditla bapala hape ho ABC Motsepe sehleng sena le ho leka ho hapa mabatowa a bona le ho fetela ho di’playoffs.
BALA HAPE: dr-ivin-khoza-o-bua-ka-dinyewe-ho-psl
