
Ntwa bakeng sa ditshebeletso Puso Dithejane e tswelapele
Sebapadi se tswileng tjaro ya mabonwa sa TS Galaxy Puso Dithejane, o tla nka nako pele a ka tseba moo bokamoso ba hae bo emeng.
Sena ka lebaka la dihlopha tse pedi tse kgolo tse batlang ditshebeletso tsa sebapadi sena sa ntshetso pele ya School of Excellence le Kaizer Chiefs.
Dithejane ke se seng sa dibapadi tse qadileng sehla ka sefutho se makatsang ka ho hlaba dintlha le ho thusetsa ho hlajwang ha tsona.
Sebapadi sena, se batlwa ke sehlopha sa Mamelodi Sundowns se bontshitse kgahleho e kgolo ho sebapadi sena sa lepheong mme Kaizer Chiefs le yona e bontshitse kgahleho ho sebapadi sena sa bona sa mehleng.
Le ha hole jwalo, ha hoso hlake hore Dithejane o tla bapala kae karolong ya bobedi ya sehla jwalo ka ha TS Galaxy e ikemiseditse ho lokolla sebapadi ka moputso o utlwahalang.
Ho ya ka lehlokwana la tsela, boiteko ba pele ba Sundowns bo kgitlile ka mora hore sehlopha se etse kopo ka tjhelete e tlase hoo TS Galaxy e sa dumelang.
Le ha Galaxy e ikemiseditse ho lokolla sebapadi, ditlaleho dikuma ha sehlopha seka thabela moropotso o batlang o kgotsofatsa jwalo ka ha Dithejane e le sebapadi sa bona sa mantlha.
Sehlopha sena se fumaneng kotlo ya FIFA (transfer ban) ka lebaka la diphoso tsa sona, se qeta ho arohana le sebapadi sa bona sa morao Khulumani Ndamane ya lebileng ho Sundowns.
Ha jwale mahlo a tla tswa dinameng ho bona hore ke sehlopha sefe setla fumana ditshebeletso tsa Dithejane ebang a ka tsamaya ho Galaxy jwalo ka ha a batla ka hara Gauteng.
BALA HAPE: Motaung o ntsha maikutlo ha Chiefs e fihlella tumellano le sebapadi
