
Kekana: E tlaba papadi e hlokang maikutlo
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns sa morao Grant Kekana, o hlalositse ha papadi kgahlano le mokwetlisi wa bona wa mehleng e tlaba ntwa e hlokang maikutlo.
Kekana o buile sena jwalo ka ha dihlopha dile kgabong ya ho itukisetsa papadi e matla ka moqebelo.
Mokwena, o tla thulana le Sundowns lekgetlo la pele kwano Afrika Boroa ka mora ho leba Afrika Leboa.
“Tjhe, ho ke ke hwaba le maikutlo, ke dumela ha rele batho ba baholo,” ho realo Kekana.
“Hase lekunutu hore re ananela seo a se e ntseng le rona le sehlopha mme o tla dula a na le sebaka dipelong tsa rona empa re tseba se hlokahalang ka moqebelo.”
Sundowns le Alger, dibapetse leoto la pele naheng ya Algeria mme papadi e fedile maleka a 0 – 0.
“Ka nako ya papadi ho tlabe ho sena maikutlo. E tlabe e le Mamelodi Sundowns e leka ho fumana dintlha mme retla dumedisana ka mora papadi le Mokwena.”
Dihlopha ka bobedi dihloka tlholo bakeng sa ho fetela pele le ha Alger, ena le monyetla wa ho fetela pele ka ho fumana ntlha fela.
BALA HAPE: Mabunda o hlalosa lebaka la dibapadi tsa matjhabatjhaba sehlopheng
