
Pirates e bebofaletsa le ho thatafaletsa Chiefs mosebetsi ka ho hlola Usuthu
Sehlopha se tloletseng maemong a pele sa Orlando Pirates, se bebofaleditse le ho thatafaletsa baahelani ba bona Kaizer Chiefs mosebetsi wa ntwa ya maemo a boraro le ba bobedi.
Sena ka mora hore Pirates e hlole AmaZulu ka 3 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Orlando motsheare wa mantsibuya ka moqebelo.
Dintlha tsa Pirates, dikene ka Relebohile Mofokeng, Yanela Mbuthuma le Oswin Appollis ho beha sehlopha sa bona maemong a pele ka dintlha tse 2 ka hodima Mamelodi Sundowns.
Tlholo ena, e monate le hoba bohloko ho sehlopha sa Kaizer Chiefs se laretseng maemo a bobedi ka tshepo ya hore Pirates e tla hlolwa dipapading tsa yona hore yona e nyolohela.
Le ha hole jwalo, e ntse e le tlholo e ntle jwalo ka ha Pirates e hlotse AmaZulu e tsekisanang boemo ba boraro le Chiefs mme seo se bolela hore kgatello bakeng sa boemong ba boraro e tla fokotseha.
Dihlopha tsena ka bobedi [Chiefs le Pirates] ditla kopana mafelong a tlang a beke moo hotla hlaka hore mang ke mang le hore boemo ba pele, ba bobedi le ba boraro botla nkwa ke mang.
BALA HAPE: Sundowns e kena e matha lebelo papading ya makgaolakgang a Champions League
