Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mohafe ka Maboe: O fumana kgau jwang a sa bapala hantle?

Ka mora hore sehlopha sa e se bapale maleka a 0 – 0 le Kaizer Chiefs, mokwetlisi wa Polokwane City Phuti Mohafe, o bontshitse ho makala le ho makatswa ke sebapadi se abetseng kgau eo.

Sebapadi sa Chiefs Lebohang Maboe, e bile yena sebapadi se fumana kgau ya sebapadi sa letsatsi le ha Mohafe a dumela e kabe e abetse se seng sa dibapadi tsa hae ho latela ka moo papadi e fedileng ka teng.

“Ke nahana hore ka mmpeng re ne re kwetse Maboe le Thabo Cele, e leng se mmakatsang hore o hapile kgau ya sebapadi sa letsatsi jwang,” ho realo Mohafe.

“O ne a sa bonahale ka papading. Ha a tshwara bolo re ne rele teng, re hapile dibolo tse ngata ho yena mme hwa makatsa hore e ba sebapadi sa letsatsi jwang o lahlehelwa ke dibolo.”

Mohafe o dumetse hore Chiefs ke sehlopha se matla se hlabang dintlha empa ba hlotswe ke ho hlaba ntlha kgahlano le bona e leng ntho e ntle lehlakoreng la bona.

Kgau ena e bile ya bone ya sebapadi sa letsatsi le Maboe dipapading tse hlano tsa ho qetela tsa sehlopha mme o hapile tse tharo ka tatellano.

Chiefs e dutse boemong ba boraro ka dintlha tse 46 ka mora dipapadi tse 24 ha Polokwane e dutse boemong ba bosupa ka dintlha tse 34 ka mora dipapadi tse 24.

BALA HAPE: Pirates e bebofaletsa le ho thatafaletsa Chiefs mosebetsi ka ho hlola Usuthu