Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Letona McKenzie le etsa tshepiso ho Bafana Bafana

Letona la dipapadi, bonono le setso Gayton McKenzie, o etsa tshepiso sehlopheng sa naha sa Bafana Bafana ka mora hore sehlopha se phunyeletse ho ya mohopeng wa lefatshe selemo setlang.

McKenzie o ikanne a hlapanya hore sehlopha setla fumana moropotso wa R5 million eo batla e arolelana ka lotho jwalo ka sehlopha le bokwetlisi.

Letona McKenzie, o entse tshepiso ena ka phaphusing ya ho hlobolela ya dibapadi ka mora hore sehlopha se bureditse le ho paputla naha ya Rwanda ka ntlha tse 3 – 0.

“Seo le se entseng kajeno se hloka kananelo mme ketla le fa ho hong [R5 Million] eo letla e arolelang ka bo lona,” ho realo McKenzie.

“Retlo le thabisa hobane le lona le thabisitse naha.”

Afrika Boroa e phunyeletsa lekgetlo la pele ka mora 2002 le ha e bapetse mohopeng wa lefatshe jwalo ka baamohedi ba baeti.

Le ha sehlopha se ile sa hulwa ditlha tse tharo ka mora ho bapadisa sebapadi se neng se le dikareteng tse ngata, Afrika Boroa e qetile e le ka hodimo sehlopheng sa C mme McKenzie o re ha a ka a lahla tshepo.

“Ho bile le ho hloka tshepo le ho fokola ha tumelo empa dibapadi tsa rona dibapetse ka boitelo. Nigeria ha ya re thusa ka letho, re bapetse mme re hlotse.”

McKenzie o babaditse mokwetlisi Hugo Broos le ho hlalosa ha thabile ka ho fitisisa.

“Pele Broos a fihla Bafana Bafana e ne e le setshehisa mme a fihla a fetola dintho, ke letona le thabileng ka ho fitisisa lefatsheng.”

Letona le phethetse ka hore le dumela sehlopha setla nka morolo wa bona le ho leba mohopeng wa AFCON o tla bapala ka kgwedi ya tshitwe naheng ya Morocco.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe