Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates e netefaditse ka ho tsamaya ha Mofokeng sehlopheng

Sehlopha sa Orlando Pirates se netefaditse ho tsamaya ha Relebohile Mofokeng sehlopheng ho leba naheng ya Belgium sehlopheng sa Royale Union Saint-Gilloise.

Pirates e tsibisa ha dipuisano tsa thekiso diqadile pele ho mohope wa lefatshe empa sehlopha sa kgetha ho sebeletsa taba ena fatshe ho fihlela mohope wa lefatshe o fela.

Mofokeng ya dilemo di 21 o leba Belgium ka mora dihla tse pedi tse tletseng mehope ho kenyeletsa Betway Premiership eo ba e hapileng sehlehg se fitileng.

Sehlopha se boetse sa netefatsa ha dipuisano difedile dipakeng tsa bona ke Royal Union Saint-Gilloise mme ho setse ho sebapadi ho etsa ditumellano le ho etsa diteko.

Sebapadi sena se bonwe se nka sefofane se lebang Belgium ho tloha America e leng se hlalosang ha a ke ke a fihla le dibapadi tse ding boemafofane ba OR Tambo.

Mofokeng o tla bapala le sebapadi se seng sa Afrika Borwa se bapallang Club Brugge KV Shandre Campbell.

BALA: Sundowns e arohana le mohlabadintlha wa nako tsohle wa PSL