
Sundowns e arohana le mohlabadintlha wa nako tsohle wa PSL
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se arohane le mohlabadintlha wa bona wa mantlha Peter Shalulile.
Shalulile ya hlabileng dintlha tse fetang 130 mebaleng ya Sundowns, o dutse dilemo tse tsheletseng tswa sehlopha sa Highlands Park.
Sebapadi sena se bile le mathata a ho bapala ka mora ho fihla ha Miguel Cardoso le ha ka nako e nngwe a ne a fumana monyetla.
Dihlopha tsa Afrika leboya le Asia, dibotshitse kgahleho ho Shalulile empa Sundowns ya hana ho rekisa sebapadi sena le ha a ne a sa bapale.
Ho utlwahale ha sebapadi se batlwa ke sehlopha se hafang ka nkatana sa Scottland FC se bapalang naheng ya Zimbabwe.
Shalulile o tsamaya ho Sundowns e le yena a hlabileng dintlha tse ngata ka ho fitisisa ho PSL [130 goals] mme a hapa mehope e 10 dilemong tse tsheletseng.
Dipalo tsa mehope:
5 × South African Premiership (PSL/Betway Premiership)
1 × CAF Champions League (2025–26)
1 × Nedbank Cup (2021–22)
1 × MTN 8 (2021)
2 × African Football League
BALA: Ivory Coast e kgutlela lapeng ka mora hose sebedisi menyetla
