
Mofokeng o tla fetwa ke papadi ka lebaka la kotsi
Sehlopha sa Orlando Pirates se fokollwa ke tshepo ka sebapadi sa bona se hlaselang ka mora hore a tswe kotsi le ho fetwa ke kampo ya sehlopha sa naha.
Pirates, ha e na bonnete ba hore Relebohile Mofokeng o tlaba teng papading ya laboraro kgahlano le Polokwane City ka lebaka la kotsi.
Mofokeng o se a fetowe ke dipapadi tse mmalwa ho kenyeletsa tse pedi tsa naha ka mora ho lemala kgahlano le Siwelele FC pejena kgweding ena.
Temalo ya Mofokeng e bonahetse e siya sekgeo se seholo dihlopheng ka bobedi ha se seng se ile sa bapala maleka mme se seng sa hlolwa.
Sehlopha sa Pirates, se netefaditse ha Mofokeng le dibapadi tse ding tse pedi ba ke ke ba ba teng ka lebaka la dikotsi.
“Sehlopha seka netefatsa hore Relebohile Mofokeng, Deano van Rooyen le Tapelo Xoki batla fetwa ke papadi,” ho realo sehlopha.
Xoki ha e sale a dula kantle ka mora kotsi e neng e ame ditho tsa sehlopha ha Van Rooyen a se a fotowe ke dipapadi tse leshongwana ka lebaka la kotsi ya nako e lelele.
Pirates e dutseng boemong ba boraro ho Betway Premiership, tla amohela Polokwane lebaleng la Orlando ka 19:30 bosiu.
Ka moqebelo mosebetsi o tlaba matla ha Pirates e amohela St Eloi Lupopo leotong la bobedi la CAF Champions League.
Sehlopha sena sa DRC se matha pele ntla tse tharo mme Pirates e tla lokela ho thisa ho feta.
Papadi eo e tla bapalla lebaleng la Orlando ka moqebelo ka hora ya boraro (15:00) thapama.
BALA HAPE:
