Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mamelodi Sundowns e qala ka boikwetliso pele e leba Austria

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se qadile ka boitukisetso ba bona ba sehla setla qala kgweding e tlang.

Sundowns e hapileng bompudi ba kontinente le ho qeta sehla e sa latswang mohope lapeng, ke se seng sa dihlopha tse tlatswa ka hara naha ho leba mose bakeng sa boitukisetso ba bona.

Tebello ke hore sehlopha setla kena leetong ho leba Austria moo batla tshwara boitukiso pele ba kgutlela lapeng matsatsi pele Betway Premiership e thakgoha.

BALA: Sundowns e arohana le mohlabadintlha wa nako tsohle wa PSL

Sundowns e lebeletswe ho lwana ya sedula matswapong ho leka ho hapa mehope e fitileng mahlong a bona ho kenyeletsa tshireletso ya mohope wa CAF Champions League.

Dibapadi tsa sehlopha tse bileng le sehlopha sa naha ditla fumana matsatsi ho bona ba malapa pele le bona ba kena leetong ho leba Austria.

BALA: Pirates e netefaditse ka ho tsamaya ha Mofokeng sehlopheng