
Pirates e phethela mosebetsi le ho fetela pele
Sehlopha sa Orlando Pirates, se phethetse seo ba se qadileng ha bane ba rinya Lioli leotong la bobedi la papadi tsa CAF Champions League lebaleng la Orlando.
Pirates e hlotse Lioli ka ntlha tse nne ho noto (4 -0) mme ba qeta dipapadi tsena tsa maoto a mabedi ka palo-hare ya ntlha tse supileng ho noto (7 – 0) aggregate.
Dintlha tsa Pirates, dikene dikarolong tse pedi tsa papadi mme dihlajwa ke dibapadi tse pedi ka ho arolelana.Ntlha ya pele le ya bobedi dikene ka Tshepang Moremi metsotso ya 39 le 49 ka ho fapana.
Ntlha ya boraro le bone tsa kena ka Yanela Mbuthuma metsotsong ya 79 le 81 ka ho fapana.
Dibapadi tsena ka bobedi e ne e se karolo ya sehlopha se qadileng le papadi leoto la pele ha Moremi a ne a le bankeng mme Mbuthuma o ne a le siyo le bakeng.
Pirates e tla emela ho tseba hore e tla nkana le sehlopha sefe mokgahlelong o latela pele ho papa tsa mekgahlelo (group stages) dipakeng tsa Et Eloi Lupopo ya DR Congo le Al-Merreikh ya Sudan.
BALA HAPE: Orlando Pirates e ipabola ka makgabane
