
Ouaddou o bua mantswe a sehla se fitileng ka dibapadi tse ngata
Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o phithile mantswe a hae a sehleng se fitileng sa dipapadi.
Ouaddou o bontshitse ha a hloka palo e lekaneng fela ya dibapadi le meralo (facilities) e hantle ho etsa mosebetsi wa hae.
Mantswe a Ouaddou a tla ka nako sehla se qetang ho qala mme le sehlopha sa hae se hapile papadi ya bona ya pele kgahlano le Milford e fihlang.
Ouaddou o hlalositse ha a hloka dipapadi tse 34 mme sehlopha sona sena le dibapadi tse 41 ntle le tseo ba kadimaneng ka tsona dihlopheng tse ding.
“E bang re bapala mehope kaofela PSL, Champions League, Carling Knockout, Nedbank Cup le MTN8, dibapadi tse 30 le dithibathibane tse 4 ho etsa 34 di ntekane,” ho realo Ouaddou.
“Hao bapala ditlhodisano tsena o kgona ho laola dibapadi tse 30 empa dipapadi tse 35 ho ya hodimo e qala hoba bothata.”
Sehleng se fitileng Ouaddou o llile ka bothata ba dibapadi tse ngata sehlopheng le ha a lekile ho fana ka monyetla ho tsona pele a ba le sehlopha seo a se sebedisang kgafetsa.
Mokwetlisi enwa wa selemo o boetse a bontsha ha palo e hodimo ya dibapadi e hloka ditho tse ding tsa bokwetlisi ho thusetsa ho kenyeletsa le mabala a mabedi.
Pirates ke se seng sa dihlopha tse tekenneng dibapadi tse ngata ho itukisetsa sehla mme tebello ke ho bona hore ditla sebediswa kaofela kapa tjhe.
BALA: Ntlha ya Magaia o kgutlisa tshepo ya mohope wa lefatshe
