Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

SAFPU e supa Junior Khanye ka monwana

Mokgatlo o emelang dibapadi tsa bolo wa South African Football Players Union (SAFPU), o rometse molaetsa o matla wa kgalemelo ho Junior Khanye.

SAFPU e hlalositse ha maikutlo a Khanye e se a sebohodi kapa moqolotsi wa papadi empa a motho ya bolayang dibapadi morolo (character assassination).

Sena ke ka mora hore Khanye a seholle boholo ba dibapadi nako le nako mme SAFPU e qotsitse ketsahalo ya moo Khanye a sehollang Jayden Adams le Thulani Hlatshwayo, hara tseo Khanye a diseholotseng moraorao.

Sebapadi sena sa mehleng sa Kaizer Chiefs se tsejwa ka ho seholla le ho nyenyefatsa dibapadi le bakwetlisi mme mekgatlo wa dibapadi o re ho lekane.

SAFPU e hlalositse ha e ananela dibapadi tsa mehleng hoba baqhaqholli le ditho tsa kgaso ya papadi empa ba ke ke ba amohela ho nyenyefatswa ha dibapadi tsa tsela tsohle.

Mokgatlo ona e ntse boipiletso ho ditheo (media houses) ho ikamahanya le melawana e hlomphang dibapadi ka ho etsa bonnete ba hore ditho tsa bona dina le hlompho le maikemisetso a ho aha.

Molaetseng wa bona, ba boetse ba laela hore Kanye a kope tshwarelo phatlalatsa ho Adams le Hlatshwayo ha mmoho le dibapadi tsohle tseo a diseholotseng kapa ho banyenyefatsa.

SAFPU e phethetse ka ho etsa kopo ho bohle ho ikamahanya le nnete ha ba bua ka dibapadi ka ha maikutlo a bona, haholoholo batho bao e leng karolo ya ‘media’ le dibapadi tsa mehleng a ka ama menahano ya dibapadi.

BALA HAPE: Miguel Cardoso o re dibapadi difapane