Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kaizer Chiefs e phonyoha ka thaho ya mekoko

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se fetela dipapading tse ka pele ho CAF Confederation ka mora ho hlola Kabuscorp thahong ya mekoko.

Chiefs e kene papading ena e hloka tlholo ka mora ho hlolwa ka 1 – 0 leotong la pele le bapalletseng Angola.

Le ha hole jwalo, Chiefs e kgonne feela ho hlaba ntlha e le nngwe karolong ya pele ya papadi ka leoto la Makabi Lilepo.

Amakhosi, e tshireleditse ntlha ya bona ho ya fihla motsotsong wa ho qetela wa papadi le ho etsa bonnete ba hore haba hlajwe ntlha.

Papadi e fedile jwalo ka 1 – 0 mme papadi ya lokela ho fetela thahong ya mekoko ka honane le Kabuscorp e ile ya hlola papadi ka 1 – 0 leotong la pele.

Dibapadi tsa Chiefs kaofela tse rahileng mekoko, dihlabile dintlha mme sethibathibane sa bona Brandon Peterson a thiba bolo e le nngwe le ho thusa sehlopha sa habo ho fetela pele.

Chiefs, e tla emela ho tseba hore e tla thulana le sehlopha se fe mokgahlelong o ka pele dipakeng tsa Simba ya DR Congo le Djabal ya Comoros.

BALA HAPE: Cedric Kaze o arabile potso ya hotsa Nabi ka tlase