
Pirates e qhala hlenhlenyane lebaleng la King Zwelithini
Sehlopha sa Orlando Pirates se hlotse Golden Arrows ka ntlha tse tharo ho e le nngwe (3 – 1) papading ya bona ya leshome sehleng sena.
Pirates e ne e etetse Arrows lebaleng la King Zwelithini laboraro bosiu, moo ba fihlileng ba qhala hlenhlenyane le ho fetola thabo maswabi.
Arrows, ke se seng sa dihlopha tse matla haholo ha dibapalla hae empa ‘The Buccaneers’ ba iphetetse mohwalotso le ho nka ntlha tse tharo.
Dintlha tsa Pirates, dikene dikarolong ka bobedi moo ntlha ya pele e hlajoweng ke Nkosikhona Ndaba karolong ya pele.
Arrows e tlile e se e lelekisa papadi le ho hlaba ntlha ya bona ka Thokozani Khumalo mme metsotswana ka mora moo, ke ha Pirates e nka ketapele hape ka Yanela Mbuthuma.
Ntlha ya boraro ya Pirates, e kene ka Mbuthuma e bile e le ya hae ya bobedi e bile e mothusa ho hapa kgau ya sebapadi sa letsatsi.
Tlholo ya Pirates, e ba behile boemong ba bobedi ka dibapadi tse pedi ka letsohong papasong le Sundowns e ka hodimo ka dipapadi tse 12.
Pirates, e lekana le Kaizer Chiefs ka dintlha [22 points] le ha Chiefs e ba feta ka papadi [11 games].
Ka moqebelo Pirates e tla etela Richards Bay papading e tlang pele ho makgaolakgang ya Carling Knockout.
Arrows e tla amohela Marumo Gallants eo le yona e inyekang maqeba ka mora ho hlolwa ka ntlha ho noto ke Durban City.
Bala tse ding ka Orlando Pirates:
