Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o phatlalatsa sehlopha le ho hlalosa taba ya Lorch

Mokwetlisi was sehlopha sa naha Hugo Broos, o phatlalatsa sehlopha sa dibapadi tse 23 tse tla bapala kgahlano le naha ya Zambia papading ya setswalle.

Afrika Boroa, e tla amohela Zambia bekeng e tlang ka la 15 Pudungwane lebaleng la Nelson Mandela, Gqeberha.

Bafana Bafana ba dutseng dipapading tse 24 baso hlolwe, batla teyanya thebe le Chipolopolo e le ho itukisetsa dipapadi tsa AFCON tse tla tshwara kgwedi e tlang naheng ya Morocco.

Broos, o fokoditse lenane ho tloha ho 43 ho isa ho 23 mme a hlalosa ha a batla ho sheba tse ding tsa dibapadi pele AFCON e thakgoha.

Mokwetlisi enwa wa naha, o arabile potso e melomong ya batho ba bangata haholo jwang ka mora ho phatlalatsa sehlopha le ho siya se seng sa dibapadi tseo ho buang haholo ka tsona e leng Thembinkosi Lorch.

Broos o hlalositse ha Lorch e kile yaba karolo ya sehlopha mme a se kgotsofatse, a leba ho Sundowns moo a sa bapalang le ha ha jwale a tswile tjaro ya mabonwa naheng ya Morocco.

“Lorch o bile le rona dilemo tse pedi tse fitileng empa, o ne a bapala hantle ho Pirates empa a sa bapale hantle ho rona,” ho realo Broos.

“O bapala hantle Morocco empa dilemo tsa hae, hase bokamoso. Ke kopa tshwarelo empa hase bokamoso.”

Broos o tsitlaletse tabeng ya dibapadi tse tlase dilemong ho aha sehlophang bakeng sa mehope e meng e lateng.

Difahleho tse ntjha sehlopheng ke Masindi Nemtajela, Keletso Makgalwa eo e le kgale a motlodisa mahlo.

Bafana Bafana batla nkana le Zambia kala 15 Pudungwane lebaleng la Nelson Mandela ka hora ya botshelela thapama.

Bala tse ding ka Bafana Bafana:

Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe

Letona McKenzie le etsa tshepiso ho Bafana Bafana