
Mokwetlisi wa Gallants o romela molaetsa ho Pirates
Mokwetlisi ya monyenyane ka ho fitisisa ho PSL Alexandre Lafitte, o rometse molaetsa o matla ho sehlopha sa Orlando Pirates pele ho papadi ya makgaolakgang a Carling Knockout ka moqebelo.
Marumo Gallants, a tla kena tekong e matla ha batla nkana le Pirates ka moqebelo bakeng sa sekola sa Carling Cup.
Sehlopha sena sa Bloemfontein, se fetile ditekong tse matla ho fihla ho makgaolakgang mme jwale ba emetswe ke kgetlepe-hadi ya mosebetsi.
Lafitte, o hlalositse ha ho hapa mohope, e leng ntho e batlang hore o kopane le ho hlola dihlopha tse matla mme Pirates ke se se seng sa tsona.
“Ha o batla ho hapa mohope, o lokela ho hlola dihlopha tse matla. Re hlotse dihlopha tse kgolo ho fihla ho makgaolakgang mme re lokela ho phetha seo,” ho realo Lafitte.
Gallants, e ketotse Mamelodi Sundowns papading pele ka thaho ya mekoko mme hwa latela Stellenbosch FC pele ba qetela ka Golden Arrows papading e tlang pele ho makgaolakgang.
Lafitte o dumetse hore Pirates ke sehlopha se matla empa o dumela sehlopha seo a nang le sona.
“Pirates ke phepetso e kgolo, ke sehlopha se matla ka hara naha le kontinenteng empa ke dumelang retla lwana kgakgaulane ka moqebelo.”
Gallants kena papading ka moya o phahameng ka mora hore dibapadi tsa bona tse ntseng dibapala hantle difumane dimpho tsa dikoloi.
Ndabayithethwa Ndlondlo ya tswileng ka kotsi papading ya ho qetela ya sehlopha, o tlaba teng ho tshwarisa sehlopha sa hae sa mehleng mathata.
Papadi ena e tla bapala ka moqebelo lebaleng la New Peter Mokaba mme e tla thakgoha ka 18:00 thapama.
BALA HAPE: Siwelele se hana ka molala le ho bapala maleka le Sundowns
