
Broos o bua ka kgatello le maemo a lebala
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Bafana Bafana, o hlalositse ha kgatello e matla e le ho sehlopha seo ba bapalang le sona sa Nigeria.
Broos o hlalositse ha bona jwalo ka Bafana Bafana ba le boemong bo botle mme ba sa lokela ho fetwa ke hlooho hobane ha hoso fele.
“Re boemong bo botle empa ha hoso fele. E kaba phoso e kgolo ho nahana hore haho letho leka re etsahalla,” ho realo Broos.
Bafana Bafana e ka hodimo sehlopheng sa C ka ntlha tse 16 mme ba hloka ho hapa le hore Lesotho le hlole Bernin hore ba fete ka kotloloho ho setse dipapadi tse pedi.
Broos o tswetse pele ho hlalosa ha Nigeria e le kgatellong ya ho hapa ho feta Afrika Boroa ho latela boemo boo baleng ho bona.
“E bang Nigeria e sa hape ba tlaba le mathata a maholo, jwale kgatello e ho bona. Empa seo ha se hlalose ha papadi e kase matla hobane le rona re batla ho hlola.”
Broos o tswelapele ho sehola maemo a lebala la Toyota le ho hlalosa ha lebala lese maemong a matle bakeng sa papadi ya mofuta ona.
“Ke hlalositse pejana hore ha ke ya thaba ka maemo a lebala hobane lebala ha le maemong a matle. Lebala ha le maemong a re a batlang empa ha le lebe haholo.”
Afrika Boroa le Nigeria ditla nkgisetsana mahafi hosane ka labobedi ka hora ya 18:00 lebaleng la Toyota Bloemfontein.
BALA HAPE: mokwetlisi-wa-lesotho-o-babatsa-mokwetlisi-wa-afrika-boroa
