Krikete

Rabada a ke ke a bapala ka lebaka la kotsi

Sehlopha sa naha sa di’Proteas, setla bapala letooto la bona la dipapadi tse tharo tsa letsatsi ka leng (ODI) ntle le le sebapadi se akgelang, Kagiso ‘KG’ Rabada ya lemetseng leqaqailaneng la leoto la hoja (right ankle).

“Sebapadi sena se dilemo di 30, se fitileng dihlahlobong ka mantaha mme di hlalositse ha a lemetse leqaqailaneng,” ho realo sehlopha.

Ho lemala ha Rabada ho siya sekgeo se seholo sehlopheng ka ha Rabada a bapala karolo e kgolo ka boiphihlelo ba hae.

Rabada ke se seng sa dibapadi tse mmalwa tsa Afrika Boroa le lefatsheng tse bapallang mefuta e meraro ya cricket.

KG o tla tswa a sale Australia le sehlopha le ha a ke ke a bapala.

“O tla tswa a sale Australia moo a tlaba tlasa bodisa bo matla ba dingaka le ho etsa bonnete ba hore o latela metjha yohle ya ho oka kotsi le ho kgutlela papading.”

Sebapadi Prenelan Subrayen, ya tlabe a bapala papadi ya hae ya pele ya mofuta ona, o tla kena dieteng tse Rabada ho kwala sekgeo.

Papadi ya pele ya tse tharo e se e thakgohile lebaleng la Cazalys. Baamohedi ba baeti, Australia e hapile lotho mme ba kgetha ho akgela ha Afrika Boroa e otla pele.

BALA HAPE: mokaptene-bavuma-o-ntsha-mabitso-a-dibapadi