
Proteas di hapa papadi ya pele
Sehlopha sa naha papading ya cricket e leng di’Proteas, se hapile papadi ya pele ya letoto la tse tharo tsa di’ODI (One-Day International) kgahlano le Australia.
Afrika Boroa e hlotse Australia ka mematho e 98 ho etelapele letoto lena 1 – 0). Sebapadi Keshav Maharaj, o ipabotse ka makgabane le ho etsa nalane ka ho ketola dibapadi tse hlano (fifer).
Australia, e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele ha Afrika Boroa e otla. Sebapadi se bulang Aiden Makram, o etse mematho e 82 ho ahela Afrika Boroa moralo o matla pele a ketolwa.
Mokaptene Temba Bavuma (67) le Matthew Breetzke (57) ba kene le ho bapala karolo ya bona pele ba ketolwa ka ho hlahlamana.
Di’Proteas, di felletse memathong e 296 ho tswile dibapadi tse 8 (296/8) overeng tsa bona tse 50, le ho fa Aussies monyetla wa ho otla (batting).
Australia, e qadile ho otla ka sekgahla empa setlabotjha, Prenelan Subrayen a qhala hlenhlenyane ka ho ketola Travis Head (27). Lungisani Ngidi le Nandre Burger ba ketotse dibapadi tse pedi sebapadi ka seng ho thusa Di’Proteas.
Mokaubere Keshav Maharaj o ketotse dibapadi tse hlano lekgetlo la hae la pele papading tsa ODI. Mmapalo o na wa Maharaj o thusitse Afrika Boroa ho kgina Australia ho 198 ba tswile kaofela.
Maharaj e bile yena sebapadi sa letsatsi ha Afrika Boroa e nka ketapele ya letoto la papadi tse tsaro. Papadi e latelang e tla bapala ka 22 Phato, labohlano hoseng ka 06:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.
BALA HAPE: rabada-a-ke-ke-a-bapala-ka-lebaka-la-kotsi
