
Qatar SC e tlohela dipuisano le Sundowns ka Ribeiro
Sehlopha sa Qatar SC se nyahladitse dipuisano le Mamelodi Sundowns ba keng sa sebapadi, Lucas Ribeiro Costa.
Sehlopha sena sa Percy Tau sa mehleng, sene se batla ditshehetso tsa letswallwa lena la Brazilian, fela dintho ha diya tsamaya hantle.
Qatar SC e ne e se e fihleletse ditumelano le sebapadi le ho motshepisa moropotso o utlwahalang empa tsena tsohle ke lefela hobane Ribeiro o tla kgutlela kampong ya Sundowns.
Qatar SC e fetotse mawa mme e mehlaleng ya Yan Mateus wa Yokohama F. Marinos, eo le yena a tswang Brazil.
Ho utlwahala ha ditumelano disa tsamaya hantle ka lebaka la ho se dumelane ha sehlopha sa Sundowns le Qatar.
Ribeiro ya neng a batlwa le ke sehlopha sa Brazil sa Fluminense, o lebelletswe ho kgutlela Chloorkop le ho qala ho ikwetlisa le sehlopha ka mora hore dipuisano tsa ho bona a bapala dihlopheng tse ding di kgitle lejwe.
Sebapadi Peter Shalulile, le yena o lebelletswe ho qala ho ikwetlisa le sehlopha ka karetso ka mora hore ditumelano le Esperance de Tunis dinyope.
Dipapadi tse pedi tsena, ke tsa tse mmalwa ho Sundowns tse bontshitse kgahleho ya ho iphumanela makgulo a matala dihlopheng tse ding kantle ho Afrika Boroa.
Sundowns e tla etela Magesi FC papading ya bona ya boraro ya sehla lebaleng la Peter Mokaba hosane ka laboraro. Papadi etla bapala ka 19:30 bosiu.
BALA HAPE: bafana-bafana-ba-kgutlela-lapeng
