
Rhulani Mokoena o qala sehla ka ho bapala maleka
Mokwetlisi Rhulani Mokoena o qala bophelo ka ho bapala maleka papading ya hae ya pele ya sehla kgahlano USM Alger.
Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Mamelodi Sundowns o lebile Algeria ho lo kwetlisa bompudi ba sehla, MC Alger ka mora hore e arohane le mokwetlisi wa yona Khalid Ben Yahia.
Mokoena, o bapetse maleka a 0 – 0 papading e ileng ya emiswa beke e fitileng hobane dibapadi tsa mantlha dine dile mohopeng wa CHAN.
Mokoena o hlalositse ha hole thata ho hlalosa seo a se boneng hobane ke papadi ya pele.
“Ho thata go fana ka maikutlo jwalo ka ha e le papadi ya ka ya pele, haholo jwang re bile le boitukiso bo thata ka lebaka la dikotsi sehlopheng,” ho realo Mokoena.
Mokoena o hlalositse ha a sa kgotsofatsa ka ha e le yena a sa etsang ho tlala seatla.
“Ke dumela ha kabe ke etse ho feta ho thusa sehlopha ho hapa, ha ke ya etsa ho tlala seatla. Ntho ya bohlokwa ke ho ba le monahano wa ho itukisa le hoba malala-a-laotswe bakeng sa papadi e lateng.”
Ligue 1 ya Algeria, e ke ke ya kgefutsa le ha e tlabe e le kgefutso ya FIFA mme Alger ya Mokoena, e tla nkana le Ben Aknoun ka la 6 Lwetse. Papadi ena etla thakgoha ka 19:00 ka nako ya Afrika Boroa.
BALA HAPE: al-ahly-e-leleka-mokwetlisi-jose-riveiro
