Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lefapha la dipapadi le romela batshehetsi ba bang Mexico

Letona la dipapadi Gayton McKenzie le tsibisitse ha letla romela palo e nngwe hape ya batshehetsi ho shebella papadi ya Afrika Boroa le naha ya South Korea mohopeng wa lefatshe.

Sena setla ka mora hore lefatshe le romele batshehetsi ba dihlopha tse fapaneng tse bapalang ho Betway Premiership ho tshehetse sehlopha sa naha papading ya pele e bileng Mexico beke e fitileng.

Batshehetsi bana e ntse e le ba dihlopha tse bapalang ho Betway Premiership le ha dihlopha tse jwalo ka Orbit College le Kruger United disena kemedi.

BALA: Messi o dula qhoweng ya bahlabadintlha ba nako tsohle mohopeng wa lefatshe

Mekutu ena ke ho bontsha tshehetso ho sehlopha ka nako eo se bapalang le ho emela naha mohopeng o moholo papading ya bolo.

Sehlopha setla bapala papadi ya bobedi kgahlano le Czechia ka labone la 18 Phupjane motsemoholo Atlanta moo tshehetso e lebelltsweng hotswa ho baahi ba Afrika Boroa ba dulang moo.

Papadi ya boraro e bile e le ya ho qetela ya mokgahlelo o qalang [group stages] e tla bapala kala 25 Phupjane motsemoholo Monterrey, Mexico.

BALA: Arrows e tswelapele ka ho etsa diphetoho sehlopheng