Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Riveiro ha makatswa ke ho tsamaya Nkota sehlopheng

José Riveiro, o hlalositse ha a sa makatswa ke ho tsamaya ha Mohau Nkota ya lebileng Saudi Arabia sehlopheng sa  Al Ettifaq.

Nkota o lebile Arabia ha sehla sa 2024/25 se fihla pheletsong, e leng se makaditseng batho ba bangata hobane o ne a qeta ho nyollelwa sehlopheng se seholo sa Orlando Pirates.

Riveiro, o hlalositse ha yena a sa makatswa ke seo mme a dumela e le ntho e ntle le hore e ntle bakeng sa sepabadi le Afrika Boroa ka bophara.

“Ha ke ya makala ho hang, ke ntho e ntle ho yena le PSL. Ke nahana thekiso ya dibapadi tse nyane ke ntho e tla sebeletsa bohle ha nako e ntse e tsamaya,” ho realo Riveiro.

Mokwetlisi enwa wa mehleng, o dumetse hore e bile ntho e makatsang hobane Nkota one a satswa fuwa monyetla sehlopheng se seholo.

“Mohau o ne a bapetse nako e nyane sehlopheng, ke dumela a bapetse dikgwedi tse tsheletseng kapa tse supileng fela.

“Ke mothabetse, ke thabetse le leki ka bophara le sehlopha. Ha ke nahane e le sepabadi sa ho qetela ho leba dihlopheng tse kantle.”

Potsong ya hore o ne a sa nahane hore Relebohile Mofokeng ke yena a tla tsamaya pele, Riveiro o arabile ka hore.

“Papadi ya bolo e tjhitja (unpredictable), ho na le ntho tse etsahalang tse sa lebelwa mme tse ding dietsahala ka nako ya tsona e nepahetseng.”

BALA HAPE: Riveiro o re qeto ya Al Ahly e tlile ka morao