
CAF e ahlola Mukoko pele ho papadi ya moqebelo
Mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng ya Afrika e leng CAF, e fanne ka kahlolo ho sebapadi sa sehlopha sa St Eloi Lupopo ka mora diketso tsa hao.
Dieumerci Amale Mukoko, o ne a etsa mantswao ao CAF e reng ha dumellwa papading ya bolo mmo o fumane kotlo ya ho fetwa ke dipapadi tse pedi.
Le ha a sa bontshwa karete e kgubedu papading kgahlano le Orlando Pirates, Mukoko o ne a bonahala a le leqhophe le ho tsosesa dibapa tsa Pirates le ha batho ba hlalosa ketso tseo e metlae.
Mukoko o ile a nkana sa dipheleu le Masindi Nemtajela le ho bontsha e ka o tla otla Oswin Appollis ka setebele le ha a motshositse fela.
Sebapadi sena se ahlotswe ho ipapisitse le molawana wa Article 11 le 123 tse bontsha le ho hlalosa ha ketso tsa hae e ne e se tsa papadi ya bolo.
Kahlolo ya CAF e tla ka nako eo Mukoko e leng karolo ya sehlopha sa Lupopo se kwano Afrika Boroa.
Lupopo e tla bapala papadi ya bona ya pele kgahlano le Mamelodi Sundowns e fihlitseng makgaolakgang sehleng se fitileng.
BALA HAPE: CAF e fana ka kahlolo nyeweng ya Pirates le Lupopo
