
Khalil: O tla fumana karabo ya hao hosane
Setho sa bokwetlisi (co-coach) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o aleditse ha dibapadi tse pedi tse so bapale ho Chiefs, e kanna yaba karolo ya sehlopha setla thulana le Stellenbosch.
Chiefs, e tla thulana le Stellies papading ya Betway Premiership eo sehlopha setla batla ho kgutlisetsa molamu sefateng ka yona ka mora hore Stellenbosch se bantshe mohopeng wa Nedbank.
Ha araba potso ka Ethan Chislett le Nkanyiso Shinga, Khalil ha araba potso ka botlalo empa ho hlalositse ha hotla bona papadi ya labobedi.
“O tlaba le karabo ya hao hosane. Eya karabo e tlaba hosane,” ho realo Khalil.
Bobedi bona ha boso fumane monyetla wa ho bapala ka mora hore ba fihle sehlopheng mathwasong a sehla mme hona le menyenyetsi ya hore sehlopha seka arohana le bona le ha e sena motheo.
Khalil, o ntshitse le lenane la dibapadi tse tla fetwa ke papadi ka lebaka la dikotsi.
George Matlou, Reeve Frosler, Godpower Ighodaro Sbongiseni Mthethwa e ke ke yaba karolo ya sehlopha seo mokwetlisi a tla kgetha ho sona ka lebaka la dikotsi.
Chiefs e tla amohela Stellenbosch lebaleng la FNB hosane [24 Hlakola] mme papadi eo e tla thakgoha ka 19:30 thapama.
BALA HAPE: Beganovic: Kene ke thabile ha Williams a se mekwallong
