
Santos o hlalosa ha CAF e tla hlolwa ke mokwetlisi wa Portugal le ha e se yena
Mokwetlisi wa sehlopha setla bapala makgaolakgang a CAF Champions League lekgetlo la bobedi nalaneng ya sehlopha, o hlalositse ha a thabetse ho bapala ho makgaolakgang.
Alexander Santos ya kileng a kwetlisa Petro de Luanda, o hlalositse ha e le monyeka hoba ho makgaolakgang le ho matha menyabuketsong ya Manuel Jose eo le yena e leng lepotoketsi [Portuguese].
“Ke thabetse hore ke fihlile ho makgaolakgang le sehlopha sa AS FAR. E tlaba makgaolakgang a ka a pele le moifo waka,” ho realo Santos.
“Ke tlile kwano [Afrika Boroa] makgetlo a mabedi ho tobana le Sundowns ka sehlopha sa Petro empa lekgetlong lenaho fapane.”
BALA: Santos ka Sundowns: Ke sehlopha senang le boiphihlelo dipapading tsa kontinente
Bobedi Santos le mokwetlisi wa Sundowns Miguel Cardoso, ke bakwetlisi ba tswallwang naheng ya Portugal mme Santos o botshitse ha mohope ona o tla hlola ke lepotoketsi le ha e se yena.
“Bakwetlisi ba Portugal batlo kwetlisa ho makgaolakgang, fela jwalo ka Manuel Jose wa mohale a o hapile pele. Ka la 24 Motsheanong, e mong wa rona [Nna kapa Cardoso] o tla o hapa hape.”
AS FAR e tla bapala leoto la pele ka sontaha lebaleng la Loftus Versfeld pele ba menahana le mehlaleng ho leba Morocco moo batla bapala leoto la bobedi la makgaolakgang a CAF.
