
Usuthu e etsa boipiletso ho batshehetsi ho tshehetsa Sundowns
Sehlopha sa AmaZulu se e ntse boipiletso ho batshehetsi ba papadi ya bolo ka hara Afrika Boroa ho kopana mafelong a na a beke.
Usuthu, e ipiletsa ho batshehetsi ba papadi ya bolo ho bontsha tshehetso ho sehlopha sa Mamelodi Sundowns setla kena papadi ya makgaolakgang a mohope wa kontinente [CAF Champions League].
Kopo ya Usuthu e tla ka nako eo honang le batshehetsi ba dihlopha tse ding ba batlang hore Sundowns e lahlehelwa ke makgaolakgang.
Sundowns e bile sona fela sehlopha se emetse Afrika Boroa ho Champions League ka mora hore Orlando Pirates e tswe mokgahlelong wa dihlotshwana.
BALA: Mokwena le sehlopha batswa ka ntshwe di sa fohlwa ka lebaleng
Sundowns, ke sona sehlopha se dulang se emetse Afrika Boroa le Afrika e tlase [Southern Africa] kontinenteng mme Usuthu e etsa kopo ho batshehetsi hore ba bontshe tshehetso.
“Motsotso ona hase wa Sundowns jwalo la sehlopha empa ke motsotsong o moholo ho rona ma’Afrika Boroa kaofela,” ho realo AmaZulu.
“CAF Champions League ke mohope o moholo o bohlokwa ka mora mohope wa lefatshe. Jwalo ka AmaZulu, re tshehetsa Sundowns hobane ba emetse Afrika Boroa kontinenteng.”
AmaZulu hase sona sehlopha sa pele ho bontsha tshehetso sehlopheng se seng se Afrika Boroa se emetseng naha dipapading tsa kontinente empa ke sona sa pele ho etsa boipiletso ho batshehetsi ba sehlopha le dihlopha tse ding ho bontsha tshehetso sehlopheng se seng.
BALA: Santos o hlalosa ha CAF e tla hlolwa ke mokwetlisi wa Portugal le ha e se yena
