
Siwelele se arohana le dibapadi tse 23 kaofela
Se hlopha se phonyohileng selepe sa Siwelele FC, se e ntse diphetho tse keneletseng sehlopheng bakeng sa sehla setlang sa dipapadi.
Siwelele, se arohane le dibapadi tse 23 e leng palo e ka etsang dihlopha tse pedi tse ka kenang ka lebaleng.
Sehlopha se arohana le dibapadi tseo ba kgethileng ho dilokolla le tse lebileng dihlopheng tse ding ka tsela ya thekiso.
Hara dibapadi tse tsamailenh sehlopheng ke Ricardo Goss ya kgutletseng sehlopheng sa hae sa Mamelodi, Happy Mashiane le Samkelo Zwane ba kgutletseng sehlopheng sa bona sa Kaizer Chiefs.
Goalkeepers (1)
Ricardo Goss (32)
Defenders (8)
Buhle Mkhwanazi (36)
Nyiko Mobbie (31)
Thabo Mokhele (31)
Enoch Quaicoe (26)
Lyle Lakay (34)
Neo Rapoo (20)
Pogiso Sanoka (34)
Happy Mashiane (28)
Midfielders (6)
Samkelo Zwane (24)
Maloisane Mokhele (29)
Mandlenkosi Nkosi (24)
Gape Moralo (26)
Keanin Ayer (26)
Lazola Maku (19)
Attackers (8)
Samir Nurkovic (34)
Mahlatse Makudubela (36)
Chibuike Ohizu (29)
Koketso Sekgodiso (23)
Ghampani Lungu (27)
Kgaogelo Sekgota (29)
Bohlale Ngwato (19)
Thabang Mahlangu (20)
Dibapadi tse ding ke tse lebileng dihlopheng tse ding ho kenyeletsa Ghampani Lungu, Bohlale Ngwato, le Neo Rapoo ba lebileng sehlopheng sa Orlando Pirates.
Le ha hole jwalo, sehlopha se matha fatshe ho tekena dibapadi tse tla kwala dikgeo tsetla siwa ke dibapadi tsa tsamaileng sehlopheng.
BALA: Zungu o hlalosa mabaka a ho iketela bo’presidente ba SAFA
