Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Chiefs se bua ka leeto la sona ka nako ya dikotsi

Sebapadi sa Kaizer Chiefs sa lebota la morao Reeve Frosler, se buile ka leeto la sona ka nako eo a ntseng a le kantle ka kotsi.

Frosler o fetowe ke dipapadi tse leshongwna tsa sehlopha ka lebaka la dikotsi tse ngata tse jelletseng sebapadi nako.

“Ho ba kantle ka kotsi hase ntho e monate bakeng sa sebapadi mme le nna ha keya fapana. E bile nako e thata empa ka lehlakoreng le leng e bile nako e hantle hobane nna le mofumahadi wa ka re ne re lebeletse lekgabunyane,” ho realo Frosler.

Le ha hole jwalo, Frosler o kgutlile ka sekgahla le ho bontsha tseo a tummeng ka tsona ka ho thusetsa dintlheng tse pedi ha Chiefs e ne e hlola Magesi ka 4 – 1 le ha a kene karolong ya bobedi ya papadi.

Ha a bua ka seabo sa hae sehlopheng, Frosler o hlalositse ha a thabetse hoba le seabo le ho thusa sehlopha ho hlaba dintlha.

“Ho dula ho thabisa ho  thusa sehlopheng. Karolo ya pele ya papadi e e re bebofaleditse dintho ka nako eo re kenang ka yona ka karolo ya bobedi. Dintlha tse pedi tse hlajoweng e bile tsa bohlokwa haholo le ho thusa karolong ya bobedi.”

Tebello ke ho bona hore Frosler o tlaba le seabo se sekae dipapading tsa sehlopha tse setseng. Chiefs e setse ka dipapadi tse 6 mme e nngwe ya tsona ke Soweto Derby ka moqebelo.

BALA HAPE:Magesi e tswa matsetseng ka City le ho kenya Orbit le Gallants mathateng