Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Magesi e tswa matsetseng ka City le ho kenya Orbit le Gallants mathateng

Sehlopha se qetileng nako se dutse mohatleng wa dihlopha ho Betway Premiership sa Magesi FC, se e ntse dimakatso ka ho hlola sehlopha sa Durban City mafelo a fitileng a beke.

Magesi, e hlotse City ka dintlha tse 5 – 2 papading e neng e tuka malakabe lebaleng la Seshego ka sontaha thapama.

Dintlha tsa Magesi, dikene ka Mcedi Vandala ya hlabileng tse pedi, Godfrey Mashigo, Lehlegonolo Mokoni le Kgothatso Mariba ha tsa City dikene ka Jean Lwamba ka bobedi ba tsona.

Tlholo ena e bile ya bone ya Magesi sehleng sena mme e le ya bohlokwa e ntshang sehlopha matsetseng le ha sehla se sale hojana le ho fela.

Sehlopha sena sa Limpopo, setla dula boemong ba 14 ka mora nako e le sona se kwetse ka morao mme sena se nka Orbit College le Marumo Gallants ho dula maemong a 15 le 16 ka ho fapana.

Ka boraro dihlopha tsena dibapetse dipapadi tse 25 mme Magesi le Gallants didutse dintlheng tse 20, ha Orbit e dutse dintlheng tse 19.

E bang sehla seka fela ka tsela ena, Magesi e tla phonyoha selepe ha Orbit e tla kgutlela Motsepe Foundation ka kotloloho mme Gallants e bapale playoffs tsa ho lwanela boemong ho Betway Premiership.

BALA HAPE: Beaumelle o dumela batla hlolela Sundowns lapeng jwalo ka Al Ahly