
Segolela: Mbule o lokela hoba le pelo le ho ema
Sebapadi sa mehleng sa Bloemfontein Celtic le Orlando Pirates Tlou ‘Gautrain’ Segolela, o hlalositse ha sebapadi sa Orlando Pirates sa mmpeng ya lebala se lokela ho ema monyetla wa hae.
Puisanong le KickOff, Segolela o hlalositse ha Sipho Mbule a lokela hoba le pelo le ha ntse a sa fumane monyetla wa ho bapala.
“Ke dumela hore taba ena e amana le ditaba tsa kahare. Haeba a sa ka a lemala, mohlomong e mabapi le maano a papadi, moo mokwetlisi a utlwisisang hore sehlopha sa hona jwale se loketse dipapadi tse itseng,” ho realo Segolela.
Mbule o se a fitilwe ke dipapadi tse leshongwana tsa sehlopha moo Relebohile Mofokeng, e leng yena a bapalang maemo ao Mbule a bapalang ho ona.
“Ke tshepa haholo hore hoba sio ha hae ho bakwa feela ke mabaka a maano, e seng ntho e nngwe.”
Segolela o tswetse pele ho hlalosa ha mokwetlisi wa Pirates, a buile le pele a ka fumana Mbule hore ke sebapadi seo a se ratang mme o dumela ha Mbule a fetwa ke dipapadi ka lebaka la mawa ho fapana.
“Puong e nngwe, mokwetlisi o ile a bolela hore Mbule ke e mong wa dibapadi tseo a ka rata ho sebetsa le tsona, pele a kena sehlopheng. Ha re tsebe hore na ho bile le diphetoho leha e le dife tabeng eo.”
Segolela e bontshitse ha hole bohlokwa hore Mbule a thusetse ho hlaba dintlha kapa a dihlabe hore hobe bobebe ho fumana monyetla wa ho qala le papadi.
Pirates e tla bapala papadi e matla kgahlano le Kaizer Chiefs ka moqebelo mme tebello ke ho bona hore Mbule o tla qala le papadi jwalo ka ha e le Derby ya pele ya selemong sena.
