
Mokwetlisi wa mehleng wa Sundowns o batlwa Libya
Mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns eo ha jwale a kwetlisang sehlopha sa MC Alger ya Algeria, o kene lenaneng la bakwetlisi ba batlwang ke sehlopha sa Libya.
Hoya ka mehlodi ya ditaba ka hara Libya, Al Ittihad e qeteng ho nyaola mokwetlisi, e utlwahala e le mehlaleng ya Rulani Mokwena hara bakwetlisi bao ba ba beileng leihlo.
Ittihad, e satswa tekena sebapadi sa mehleng sa Sundowns le Casablanca Thembinkosi Lorch mme ho bonahala ha sehlopha sena se hafang ka nkana se batla ho kopanya sebapadi le mokwetlisi.
Mokwena, o dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha naheng ya Algeria mme tshebetso ya hae e batla e tswile matsoho le ha a tswile mokgahlelong wa bobedi (Group stages) dipapading tsa kontinente tsa CAF Champions League.
Lorch, o ile a leba ho Sundowns ka mora hore Mokwena e be yena a eletsang sehlopha ho fumana sebapadi seo le ha Mokwena a ile a arohana le sehlopha ka potlako, le Lorch a se fumane monyetla wa ho bapala pele a ka leba Casablanca.
Tebello ke ho bona e bang Mokwena o tla arabela pitsong ya Ittihad ho sebetsa le Lorch hape, e leng setla hloka a arohane le sehlopha seo a seng a hapile mohope le sona mme a leng makgatheng a ho hapa wa bobedi e bang a ka tswelapele ho sebetsa hantle.
