Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Saleng o leboha Zwane le bohle ka kamohelo e mofuthu

Setlabotjha sehlopheng sa Mamelodi Sundowns Monnapule Saleng, o hlalositse ha kamohelo ya hae lehaeng la hae le letjha e bile e mofuthu.

Saleng, o lebohile bohle ba entseng hore a ikutlwe a phuthuluhile ka mora ho fihla Chloorkop ka motsamao o makaditseng batho.

“Ke batla ho leboha moifo wa bokwetlisi le dibapadi. Boitukiso bo bile hantle ha esale ke fihla kwano mme ke leboha mokwetlisi Miguel Cardoso ka ho mpha monyetla,” ho realo Saleng.

“Ke nako basa mpone ke bapala mme kene ke thabetse kamohelo pe ho ananela kamohelo ya batshehetsi ba sehlopha.”

Sebapadi sena se bile le seabo se seholo papading ya hae ya pele dintlheng tse pedi tseo sehlopha dise fumaneng karolong ya bobedi le ho hlola papadi kgahlano le Sekhukhune.

“Ke batla ho leboha mokaptene wa sehlopha Themba Zwane le dibapadi mmoho ka ho nkgotlaletsa ho ikwetlisa.”

“Ke batla re tswelapele ho hapa, ke yona fela ntho eo ke batlang re e yetse jwalo ka sehlopha.”

Saleng o ne a qala ho bapala ka mora ho fihla sehlopheng sa Sundowns a tswa ho Pirates e neng e kadimane ka yena ho Orbit College.

Sundowns e tla bapala dipapadi tse pedi pele e tsepamisa maikutlo dipapading tsa kontinente moo etla bapala le Stade Malien.

Hosane ka laboraro [04 Hlakubele] Sundowns e tla amohela Golden Arrows lebaleng la Loftus Versfeld ka 19:30 bosiu.

Cardoso o lla ka mohlwa wa lebala pele ho dipapadi tsa bohlokwa

BALA HAPE: