
Springboks di amohela di’Wallabies ho Championship
Mafelong a na a beke, tangtang e tla kgangwa ke lerole ha Afrika Boroa e tlabe e nkana le Australia papading ya Rugby.
Springboks ditla amohela Wallabies papading e tlabe e shejuwe ka mahlo a makgubedu ya Championship ka moqebelo.
Championship ke mohope o bapalwang ke dinaha tse nne Afrika Boroa, Australia, Argentina le New Zealand.
Dihlopha tsena di lokela ho kopana kaofela mme se qetang sele ka hodimo, ke bona bompudi.
Springboks bao ebile e leng bona batshireletse ba sekola, batla leka ho tshireletsa sekola sa bona papadi e tlabe e le matla kgahlano le bompudi ba mehleng.
Wallabies e tsohileng molota morao tjena, e tla leka ho kgutlisa sereti sa bona kgahlano le bompudi bana ba lefatshe makgetlo a mane.
Lekgetlo la ho qetela Australia e hlola Afrika Boroa papading, ke ka 2021 ka ntlha tse (30 – 17) hona mohopeng ona.
Afrika Boroa e se hlotse Australia makgetlo a mahlano (5) ka tatellano mme e tla batla ho phetha seo hoba monyetleng o motle wa ho tshireletsa sekola.
Lekgotla la ho qetela Afrika Boroa e hlolwa, e ne e le selemo se fitileng ha bane bahlolwa ke Argentina ka (29 – 28).
Papading ya Springboks le Wallabies e tla bapala ka 17:10 ka nako ya Afrika Boroa, lebaleng la Ellis Park, Johannesburg.
